LETSHOLO LA TEMOSO YA LENANEO LA NAHA
LA TLHOKOMELO YA BANA
Ka lebaka la diphetoho tse teng moruong le tikolohong ya dipolotiki, bophelo ba malapa ho la Afrika Borwa ha bo sa tsitsitse ka moo ho loketseng ka teng. Sewa sa HIV&AIDS se tswela pele ho beha ka mosing katleho e seng e fihletswe naheng ena ya ho hlokomela le ho tshireletsa bana ha mmoho le malapa a bona. Nakong ya hona jwale naha e tjamelane le tlokotsi, hobane bana ba bangata ba siuwa e le dikgutsana, ba lahlwa feela, ha ba hlokomelwe kapa ba hlekefetswa. Bana jwale e se e le bona dihloho tsa malapa a mangata. Molao wa rona wa motheo o hlalosa hore ngwana e mong le e mong mona Afrika Borwa o na le tokelo ya ho ba le ba lelapa kapa a be le tlhokomelo e nngwe e mo loketseng. ....Bana ba sa fumaneng tlhokomelo e nngwe e loketseng ba bothateng ba ho hlekefetswa, ho sebetswa hampe le ka kgatello, ho phela setereateng kapa ho rekiswa. Mmuso o ka kgona feela ho thusa ka ditokelo tsa dikgutsana le tsa bana ba kojwana di mahetleng ha feela ho ka buisanwa le batho ha mmoho le malapa ba ikemiseditseng ho hlokomela bana bana hore ba fuwe monyetla wa ho etsa jwalo.
Tlhokomelo ya Bana ke eng?
Tlhokomelo ya bana ke tshebeletso ya bohlokwa ya thekolohelo ya malapa le bana ba tlamehang ho se dule le ba malapa a bona (mmoho bakeng sa) nakwana kapa nako e itseng e tsepameng. Ke tshebeletso ya bana ba sa kgoneng ho dula le malapa a bo bona ka lebaka la tlhekefetso, ho se hlokomelwe hantle hobane batswadi ba bona ba sa kgone ho ba hlokomela kapa ha batswadi ba bona ba hlokahetse. Ngwana o behwa tlhokomelong ya motho ya tshwanetseng eo e seng motswadi kapa mohlokomedi wa ngwana eo wa tlhaho.
Sepheo sa sehloho sa tlhokomelo ya mofuta ona ke ho tshireletsa le ho hlokomela ngwana, sena se etswa ka mokgwa wa ho fana ka tulo e bolokehileng e nang le bophelo bo botle ka tshehetso e ntle e tla kgotsofatsa ditlhoko tsa ngwana enwa. Ho kgothaletswa hore ho thehwe dikamano dipakeng tsa ngwana enwa le lelapa la hae ha mmoho le ba lelapa la hae le leng ka morero wa ho matlafatsa le ho boloka maqhama a lelapa ka sepheo sa tshokollo ya bohle ba amehang le ho boela ho kopanngwa ngwana hape le ba lelapa la hae.
Bana ba ka behwang tlhokomelong ya Tlhokomelo ya Bana
Bana ba fumanwa ba hloka tlhokomelo ke Lekgotla la Dinyewe la Bana ho latela Molao wa 74 wa Tlhokomelo ya Bana wa selemo sa 1983, ka moo o ileng wa fetolwa ka teng. Mona ho kenyeletswa:
Ngwana ya lahluweng kapa ya sa hlokomelweng;
Ngwana ya hlekefeditsweng mmeleng, ka tsela ya thobalano kapa ya tujuweng maikutlong kapa ya sotlwang ke batswadi ba hae kapa mohlokomedi wa hae kapa ke motho ya mo hlokometseng;
Ngwana eo e leng kgutsana ebile a hloka batswadi kapa mohlokomedi kapa ya siuweng tlhokomelong ya batswadi ba batswadi ba hae kapa ho ba bang ba habo bona;
Ngwana ya nang le motswadi kapa mohlokomedi empa ba sa kgone ho fumanwa moo ba teng;
Ngwana ya dulang seterateng;
Ngwana ya bontshang boitshwaro bo kekeng ba laolwa ke batswadi ba hae kapa mohlokomedi wa hae.
Ke mang ya ka fetohang Motswadi ya Hlokomelang bana?
Motho e mong le e mong eo e seng motswadi wa ngwana e ka ba motswadi ya hlokomelang bana. Motswadi ya hlokomelang bana ke motho ya:
Loketseng le a phethahetseng ho ka tshepelwa tlhokomelo ya bana;
Kgonang ho thusa ka polokeho le bophelo bo botle ba ngwana;
Ikemiseditseng ho etsa, ho phethisa le ho hlokomela boikarabelo ba tlhokomelo e jwalo;
Hlahlobilweng ka nepo ke mosebeletsi wa thekolohelo ya abetsweng mosebetsi wa ho tsepamisa hore o tshwanetswe ke ho phetha mosebetsi o jwalo
Ka hodimo ho dilemo tse 18.
Tshehetso ya Ditjhelete e tswang Mmusong
Batswadi ba fanang ka tlhokomelo ba ka etsa kopo ya tjhelete ya thuso ya tlhokomelo ya bana Mmusong ho latela Molao wa 59 wa Thuso ya Setjhaba wa selemo sa 1992 wa tlhokomelo ya bana. Batswadi ba bana ba letswele ba na le boikarabelo ba ho fana ka nyehelo e itseng tlhokomelong ya ngwana ka sebopeho sa taelo ya nyehelo e tla tsepamiswa ke Lekgotla la Dinyewe la Bana.
Mohato wa ho beha bana Tlhokomelong ya Bana
Bana kaofela ba hlokang tlhokomelo ba lokela hore ba lemoswe mokgatlo wa thekolohelo kapa Ofisi ya teng. Mosebeletsi wa Thekolohelo o lokela ho hlahloba hore ngwana o hloka tlhokomelo le tshireletso ha mmoho le maemo a lelapa le sisinngwang hore le ka hlokomela ngwana ho tsepamisa botsitso ba bona. Diphuputso tsa Lekgotla la Dinyewe la Bana di rotetswa ke Mosebeletsi wa Thekolohelo ho latela ngwana ya amehang. Mosebeletsi wa Thekolohelo, ngwana le batswadi ba lelapa lena le sisinngwang ho hlokomela ngwana, ba hlahela ka pele ho Khomeshenara wa Thekolohelo ya Bana ho tsepamisa taba ya tlhokomelo ya ngwana ke batswadi ba sisinngwang. Khomeshenara o etsa taelo ho latela Molao wa Tlhokomelo ya Bana. Hang ha taelo e se e entswe, mosebeletsi wa thekolohelo o thusa lelapa le lokelang ho amohela tlhokomelo ya ngwana ho etsa kopo ya thuso ya tlhokomelo ya bana. Mosebeletsi wa Thekolohelo o tswela pele ho fana ka ditshebeletso lelapeng le amohetseng ho hlokomela ngwana ha mmoho le ho ngwana. Ditshebeletso tsena di otlollelwa le ho batswadi ba ngwana ba letswele ho sebeletsa kopano ya ngwana le lelapa.
Se bolelwang ke Molao
Ngwana o fumanwa a hloka tlhokomelo le tshireletso ho latela Molao wa Tlhokomelo ya Bana nakong e itseng. Batswadi ba amohetseng tlhokomelo ya ngwana ba nkwa e le batswadi ba nako e itseng ba amohetseng boikarabelo ba ngwana. Batswadi ba hlokomelang ngwana ha ba na matla a bohlokomedi, mohlala tokelo ya ho saenela tumello ya lenyalo. Ngwana ya tlhokomelong o dula a le tlasa matla a pehelo ya Tlhokomelo ya Bana ho fihlela ngwana a le dilemo di 18. Taelo ya Lekgotla e etswa nako ya dilemo tse pedi mme mafelong a tsona e lokela ho lekolwa botjha. Haeba ho hlokeha e lelefatswa ke Khomeshinara dilemo tse ding le tse ding tse pedi.
Ditlhoko tsa Ditokomane
Ditokomane tse latelang di a hlokeha ho sebetsa taba ya tlhokomelo ya ngwana:
Lengolo la tlhaho la ngwana
Ripoto ya ngwana ya sekolo
Tokomane ya boitsebiso 'ID' ya motswadi ya lohothwang
Haeba ngwana e le kgutsana, mangolo a lefu la batswadi ba hae
Tlasa maemo a itseng, ditlhaloso tse nketsweng kano di a hlokeha
DINTLHA TSA MAFAPHA A DIPROVENSE TSA NTSHETSOPELE YA SETJHABA
O kopuwa hore o lekole phamflete ya "Adoption".
